Eksoda 26:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. O tla bea mahokelo a mashome a mahlano leseleng le leng, o bee hape mahokelo a mashome a mahlano ntlheng ya lesela le qetellang masela a rokeletsweng hammoho, mahokelo a tle a lokelane.

6. O ntoo etsa dikgoketsane tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme o tle o kopanye masela hammoho ka dikgoketsane tseo, tabernakele e tle e be ntho e le nngwe feela.

7. O tlo o etse masela a boya ba podi ho etsa tente ya tabernakele; o tle o etse masela a jwalo a leshome le motso o mong.

8. Bolelele ba lesela e be ditswe tse mashome a mararo, bophara ba lona e be tswe tse nne; masela a leshome le motso o mong a etswe ka tekanyo e le nngwe.

Eksoda 26