21. O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.
22. Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.
23. Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.
24. O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.
25. O tle o e etsetse moqhaka o bophara ba seatla o e kopang, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o potang moqhaka wa yona.
26. O tla e etsetsa mehwele e mene ya kgauta, mme o bee mehwele dintlheng tse nne tse maotong a mane a yona.
27. Mehwele e ke e be haufi le moqhaka, ho kenya ho yona mejaro ya ho jara tafole.
28. O tla etsa mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta, mme tafole e tla jarwa ka mejaro.
29. O tle o etse mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona eo ho tla etswa ditshelo ka yona; o di etse ka kgauta e hlwekileng.
30. O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.
31. O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.
32. Ho tla tswa makala a tsheletseng mahlakoreng a yona; makala a mararo a etswe lehlakoreng le leng la kandelare, a mang makala a mararo a tswe lehlakoreng le leng la kandelare.
33. Meritshwana e meraro e kang amanda, le senoko le palesa di be teng lekaleng le leng; lekaleng le leng, ho be meritshwana e meraro, e kang amanda, le senoko le palesa; makala a tsheletseng a tswang kandelareng a etswe jwalo.
34. Ho yona kandelare, meritshwana e mene e ke e be teng e kang amanda, hammoho le dinoko le dipalesa tsa yona;
35. senoko se be teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng, senoko se seng se be teng tlasa makala a mang a mabedi a tswang kandelareng, mme senoko se seng se be teng tlasa makala a mang a mabedi a tswang kandelareng, ho lekana makala a tsheletseng a tswang kandelareng.
36. Dinoko le makala di tswe ho yona, mme e be ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e teilweng, e hlwekileng.
37. O tle o e etsetse dilampi tse supileng; mme dilampi tseo tse supileng di ke di bewe ka mokgwa wa hore di bonesetse ka nqa kapele.
38. Matlawana a yona le dipitsana tsa yona tsa molora di ke di etswe ka kgauta e hlwekileng.
39. E etswe hammoho le mesebetsi ya yona yohle ka talenta ya kgauta e hlwekileng.