Eksoda 16:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.

4. Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.

5. Etla nne ere ka tsatsi la botshelela, ba bokelle habedi ho lekanang tsatsi le leng le le leng.

6. Yaba Moshe le Aarone ba re ho bana ba Iseraele kaofela: Mantsiboya le tla tseba hobane ke Jehova ya le ntshitseng lefatsheng la Egepeta.

7. Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?

8. Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.

9. Moshe a re ho Aarone: E re ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele: Atamelang pela Jehova, hobane o utlwile ho dumaduma ha lona.

10. Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

13. Yare mantsiboya, dikwekwe tsa nyoloha, tsa aparela diahelo, mme ka hosasa, phoka ebe e letse e dikadikeditse diahelo.

14. Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, bonang, hodima lebala la nahathothe ho bo ho le ntho e kang dihlakunyana, e tshesane jwaloka matlalepula hodima lefatshe.

15. Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.

16. Ke yona taba eo Jehova a le laetseng yona, a re: E mong le e mong ho lona a ipokellele ho lekaneng ho ja ha hae, motho a inkele homere, ka palo ya batho bao le nang le bona; motho a nkele ba tenteng ya hae.

17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ola e mong haholo, e mong hanyenyane.

18. Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.

Eksoda 16