17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ola e mong haholo, e mong hanyenyane.
18. Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.
19. Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang le tsatsi la hosasane.
20. Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.
21. Ba nna ba ola ka meso le meso, e mong le e mong kamoo a jang kateng, mme enere ha tsatsi le futhumala, ho qhibolihe.
22. Ka tsatsi la botshelela, ba ola bohobe habedi hakalo, ho lekana homere tse pedi ho motho a le mong; baholo kaofela ba phutheho ba tla, ba tsebisa Moshe.
23. A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.
24. Yaba ba bo bolokela hosasane, kamoo Moshe a laetseng kateng, mme ha bo a ka ba nkga, le diboko ha di a ka tsa eba teng.
25. Moshe a re: Bo jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha ya Jehova, kajeno le ke ke la bo fumana naheng.