1. Ba tloha Elime, e le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba fihla lefeelleng la Sine, le leng dipakeng tsa Elime le Sinai, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bobedi ha ba se ba tswile naheng ya Egepeta.
2. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.
3. Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.