17. O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.
18. Jehova o tla rena kamehla e sa feleng.
19. Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.
20. Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.
21. Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.
22. Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.
23. Ba ba ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, kahobane a ne a baba; ke ka baka lena a reilweng bitso la Mara (ho baba).
24. Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?
25. Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,
26. a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.
27. Ba fihla Elime, moo didiba di neng di le teng, tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa palema tse mashome a supileng, mme ba hloma ditente teng pela metsi.