Eksoda 15:10-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.

11. Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.

12. O nanabeditse letsoho la hao le letona, lefatshe le ba hohlomeditse.

13. O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.

14. Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.

15. Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.

16. Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.

17. O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.

18. Jehova o tla rena kamehla e sa feleng.

19. Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.

20. Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.

21. Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.

22. Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.

23. Ba ba ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, kahobane a ne a baba; ke ka baka lena a reilweng bitso la Mara (ho baba).

24. Setjhaba sa ngangisa Moshe, sa re: Re tla nwang?

25. Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,

Eksoda 15