Eksoda 15:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.

2. Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.

3. Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.

4. Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.

5. Maqhubu a ba apesitse; ba tebetse tlase bodibeng jwaloka lejwe.

6. Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.

Eksoda 15