1. Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.
2. Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.
3. Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.
4. Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.
5. Maqhubu a ba apesitse; ba tebetse tlase bodibeng jwaloka lejwe.