15. Jehova a re ho Moshe: O ntse o howelletsang ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
16. Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
17. Haele nna, bona, ke tla thatafatsa pelo tsa Baegepeta, ba tle ba le sale morao, mme ke tla tlotleha ka Faro le ka sera sa hae kaofela, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.
18. Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke tlotlehile ka Faro, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.
19. Lengeloi la Modimo le eteletseng makgotla a Iseraele pele, la tloha, la tla ema kamora bona; mme topallo ya leru ya tloha kapele ho bona, ya fihla ya ema kamora bona.
20. Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.
21. Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.
22. Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.
23. Baegepeta ba ba phallela, ba kena kamora bona kahara lewatle, ka mapere a Faro kaofela, makoloi a hae, le bakalli ba hae.
24. Ka tebelo ya meso, Jehova a shadima lekgotla la Baegepeta a le topallong ya mollo le ya leru, mme a tsherehanya lekgotla la Baegepeta.
25. A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.