Eksoda 12:43-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.

44. Empa mohlanka wa motho, ya rekilweng ka ditjhelete, ekare ha o mmoloditse, e tla ba hona a e jang.

45. Mojaki, kapa ya tholetsweng moputso, a ke ke a e ja.

46. E tla jelwa ka tlung e le nngwe; o ke ke wa isa letho la nama ya yona kantle ho ntlo; le se ke la roba lesapo la yona.

Eksoda 12