Eksoda 12:34-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Batho ba inkela hlama ya bona e eso ho hohomohe, ba phuthela merifi ya bona ya ho dubela dikobong tsa bona, ba e jara mahetleng a bona.

35. Bana ba Iseraele ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, ba qela mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta le diaparo ho Baegepeta.

36. Jehova a etsa hore setjhaba se bone mohau mahlong a Baegepeta hore ba ba nee, mme ba hlobodisa Baegepeta.

37. Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.

38. Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.

39. Ba apeha dinkgwa tse sa lomoswang tsa hlama eo ba tswileng Egepeta le yona, hobane e ne e sa ka ya lomoswa, etswe ba ne ba potlakisitswe Egepeta, ba sitwa le ho e apeha, le mefaho ba sa ka ba iketsetsa yona.

40. Kahello ya bana ba Iseraele Egepeta e bile dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo.

41. Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.

42. Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.

43. Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.

44. Empa mohlanka wa motho, ya rekilweng ka ditjhelete, ekare ha o mmoloditse, e tla ba hona a e jang.

45. Mojaki, kapa ya tholetsweng moputso, a ke ke a e ja.

Eksoda 12