23. Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.
24. Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona ka ho sa feleng.
25. Etlare ha le fihlile lefatsheng leo Jehova a tlang ho le nea lona, kamoo a le baletseng kateng, le tle le boloke mokgwa ona.
26. Etlare ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Le lekanyang ka ketso ena na?
27. le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, kamoo a kileng a feta pela matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mme a sireletsa matlo a rona. Yaba setjaba se a inama, sa rapela.
28. Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.
29. Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.
30. Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.