20. Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo.
21. Ka baka la hobane babelehisi ba tshabile Modimo, wa ba hlohonolofaletsa matlo a bona.
22. Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.