7. ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;
8. a tjhalatsa le mabala mabapa le kou ya ntlo ya mosadi eo, a nkile tsela ya teng.
9. E ne e le ka shwalane, ka phirima, bosiu bo se bo tshwere, ho le lefifi le letsho.
10. Mme bonang, a kgahlanyetswa ke mosadi ya ikgabisitseng ka mokgwa wa sehlola, a ikgakantse pelo;
11. athe o manganga, o hlooho e thata; maoto a hae ha a dule ka tlung ya hae;
12. mohlomong o eme mapatlelong, mohlomong mabaleng, o lalla koung tsohle.
13. Jwale, a mo tshwara, a mo aka; ka sefahleho se se nang dihlong a re ho yena:
14. Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.
15. Ke ka baka leo ke tswileng ho tla o kgahlanyetsa, ho o batla lefifing, mme jwale ke o fumane.
16. Ke adile diphate tsa ka ka masela a mebalabala le ka dikobo tse lohilweng ka ditshwele tsa Egepeta.