Diproverbia 7:20-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. o nkile mokotlana wa tjhelete, o tla boela hae ka kgwedi e tla thwasa.

21. A mo menamena ka dipuo tse ngata tse monate, a mo hlola ka molomo o qekisang.

22. Yaba mohlankana eo o mo latela ka bonolo jwaloka kgomo e buswang lekaba, leha e le kgama e tlolelang lemeneng, mme e hlajwa sebete ka teng ke lerumo;

23. hape, leha e le jwaloka nonyana e thwethwelang sefing, e sa tsebe hoba se tjhehetswe ho phela ha yona.

24. Ka baka leo, bana ba ka, mmameleng, le ele dipolelo tsa molomo wa ka hloko.

25. Pelo ya hao e se ke ya kgelohela tseleng ya eo, o se ke wa lahleha mmileng wa hae.

26. Hobane ba hlabilweng o ba dihile ba le bangata, bao a ba bolaileng ba bangata ho fetisisa.

27. Ntlo ya hae ke tsela ya nqalo ya bafu, e theohela madibeng a lefu.

Diproverbia 7