Diproverbia 7:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Mme bonang, a kgahlanyetswa ke mosadi ya ikgabisitseng ka mokgwa wa sehlola, a ikgakantse pelo;

11. athe o manganga, o hlooho e thata; maoto a hae ha a dule ka tlung ya hae;

12. mohlomong o eme mapatlelong, mohlomong mabaleng, o lalla koung tsohle.

13. Jwale, a mo tshwara, a mo aka; ka sefahleho se se nang dihlong a re ho yena:

14. Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.

Diproverbia 7