7. Ha bo na modisa, leha e le mohlahlobi, kapa morena;
8. leha ho le jwalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipokellela dijo ha ho kotulwa.
9. Hela wena, sekgoba towe! o tla robala ho le hokae na? O tla soha neneng borokong ba hao na?
10. O re: A nke ke robale ho se hokaenyana, ke boele ke re shwa hanyenyane, ke iphuthe matsoho, nke ke otsele hanyenyane.
11. Ruri, bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.
12. Motho wa lefeela, ya lonya, o tsmaya ka molomo o mano,
13. o qhwaya ka mahlo, o bua le ka maoto, o lekanya ditaba le ka menwana.
14. Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;
15. ka baka leo, tshenyeho ya hae e tla mo wela sehloho; o tla timela hanghang, ho se le thuso.
16. Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:
17. Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;
18. ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;
19. ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.