Diproverbia 6:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. O di tlamelle pelong ya hao kamehla, o di rwalle molaleng wa hao.

22. Ha o tsamaya, di tla o tsamaisa; leha o robetse, di tla o lebela; etlare ha o tsoha borokong, di o buise.

23. Hobane keletso ke lebone, thuto ke lesedi, mme dikgalemelo tsa tayo ke tsela ya bophelo;

24. ho o phemisa mosadi wa seotswa le leleme le lekang la mosadi ya lelerang.

25. O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.

26. Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.

27. Ana motho a ka ikokgella mollo sefubeng, diaparo tsa hae di sa tjhe na?

28. Hleka motho a ka hata mashala a hlenneng, maoto a hae a sa tlabohe na?

29. Ho dutse jwalo le ya yang ho mosadi wa wa habo; ya mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.

30. Shodu leha le lapile, ha le tlohellwe ho utswa, ho kgorisa mpa ya lona.

31. Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.

Diproverbia 6