16. Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:
17. Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;
18. ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;
19. ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.
20. Mora ka, boloka ditaelo tsa ntatao, o se ke wa furalla thuto ya mmao.
21. O di tlamelle pelong ya hao kamehla, o di rwalle molaleng wa hao.
22. Ha o tsamaya, di tla o tsamaisa; leha o robetse, di tla o lebela; etlare ha o tsoha borokong, di o buise.
23. Hobane keletso ke lebone, thuto ke lesedi, mme dikgalemelo tsa tayo ke tsela ya bophelo;
24. ho o phemisa mosadi wa seotswa le leleme le lekang la mosadi ya lelerang.
25. O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.