Diproverbia 5:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Mme jwale, lona bana, nkutlweng, le se ke la ba la kgeloha ditaba tsa molomo wa ka.

8. Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;

9. esere mohlomong wa nea ba bang bokgabane ba hao, le dilemo tsa hao wa di senyetsa ho ya soro;

10. esere mohlomong ba mofuta osele ba kgora leruo la hao, mme mesebetsi eo o e bokeletseng ya fetela matlung a ba sa tsejweng.

11. Mme qetellong wa bokolla ha ho senyeha dinama tsa mmele wa hao,

12. wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?

13. Ana ha ke a ka ka mamela mantswe a ba neng ba nthuta keng, le ho sekehela baruti ba ka tsebe?

14. Jo! ke batlile ke wela bobeng bo fetisisang hara bongata ba batho le phutheho.

15. O nwe metsi a sekoti seo o se tjhekileng, metsi a phallang meeding ya sediba seo e leng sa hao.

16. Na didiba tsa hao di ka kollela sebakeng jwang? Melatswana ya tsona e ka phallela mabaleng a motse na?

17. E be leruo la hao o nnotshi, o se ke wa di kopanela le ba bang.

Diproverbia 5