12. wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?
13. Ana ha ke a ka ka mamela mantswe a ba neng ba nthuta keng, le ho sekehela baruti ba ka tsebe?
14. Jo! ke batlile ke wela bobeng bo fetisisang hara bongata ba batho le phutheho.
15. O nwe metsi a sekoti seo o se tjhekileng, metsi a phallang meeding ya sediba seo e leng sa hao.
16. Na didiba tsa hao di ka kollela sebakeng jwang? Melatswana ya tsona e ka phallela mabaleng a motse na?
17. E be leruo la hao o nnotshi, o se ke wa di kopanela le ba bang.
18. Sediba sa hao se ke se hlohonolofale; o thabele mosadi wa botjha ba hao, ya ratehang jwaloka kgama, ya kgahlehang jwaloka tshephe; sefuba sa hae se nne se o kgodise kamehla;
19. lerato la hae le o thabise pelo ka ditshiu tsohle.
20. Mora wa ka, o ka hapuwa jwang ke mosadi wa letekatsi, wa ikamanya jwang sefuba sa mosadi osele na?
21. Hobane metsamao ya motho e pontsheng ho Jehova; ke yena ya lekolang mehlala ya hae yohle.
22. Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.
23. O tla shwa ke ho se rutehe, a lahlehe ke bowatla bo boholo ba hae.