Diproverbia 5:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mora wa ka, o ele bohlale ba ka hloko, o sekehele thuto ya ka tsebe;

2. o tle o ipolokele masene, mme molomo wa hao o boloke tsebo.

3. Hobane molomo wa mosadi wa seotswa o rothisa dinotshi, lehano la hae le boreledi jwaloka mafura.

4. Empa bofello ba taba tsa hae bo baba jwaloka lengana, bo hlaba jwaloka lerumo le mahale a mabedi.

5. Maoto a hae a theohela lefung, mehato ya hae e fella nqalong ya bafu.

6. Ha a re letho ka mokgwa wa ho phela ha hae, metsamao ya hae e a dikadika, ha e na ho tsejwa.

7. Mme jwale, lona bana, nkutlweng, le se ke la ba la kgeloha ditaba tsa molomo wa ka.

8. Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;

9. esere mohlomong wa nea ba bang bokgabane ba hao, le dilemo tsa hao wa di senyetsa ho ya soro;

Diproverbia 5