Diproverbia 4:13-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.

14. O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo.

15. Sikoloha, o se ke wa ba wa leba teng, o kgelohe, o iphetele.

16. Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.

17. Hobane bohobe boo ba bo jang ke bobe, lonya ke veine eo ba e nwang.

18. Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.

19. Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.

20. Mora wa ka, mamedisisa taba tsa ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe.

21. Di se ke tsa tloha pela mahlo a hao, o nne o di boloke ka pelong.

22. Hobane ho ba di fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba mmele wohle wa bona.

23. Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.

24. O lelekise leleme le kgopo, o nene molomo o mano.

25. Mahlo a hao a shadime, a tsepame, dintshi tsa hao le tsona di ribolohe ka ho loka.

26. O iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle di tle di loke.

27. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.

Diproverbia 4