Diproverbia 30:29-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ntho tse tharo di teng tse bohehang ha di tsamaya; tjhe, di nne tseo metsamao ya tsona e kgahlehang:

30. ke tau, mohale hara dibata tsohle, e sa tshabeng letho le letho;

31. ke pere e lokiseditsweng ntwa, le moribi, leha e le morena ha a tsamaya pela makgotla a hae.

32. Ekare ha o entse bosawana ka ho ikgohomosa, mme o hopotse bobe, bea letsoho molomong!

33. Hobane ho fehla lebese ho hlahisa sereledi; ho penya dinko ho hlahisa madi; mme ho hotetsa bohale ho hlahisa dikomang.

Diproverbia 30