Diproverbia 30:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. ke mohlala wa ntsu sebakeng sa lehodimo, le mohlala wa noha lefikeng, le mohlala wa sekepe mahareng a lewatle, le mohlala wa monna mosading.

20. Mokgwa wa mosadi wa sehlola o jwalo le wona; o a ja, o itlhakola molomo, mme o re: Ha ke a ka ka etsa bokgopo!

21. Lefatshe le thothometswa ke dintho tse tharo, nka re, tse nne di teng tseo le ke keng la di jara:

22. ke mofo ya fetohileng morena, le lehlanya le kgorang bohobe,

23. le mosadi ya lonya, mohla a nyalwang, le lekgabunyane la mosadi le jang lefa la mofumahadi wa lona.

24. Dintho tse nne di teng lefatsheng, tse nyenyane, empa di bohlale bo boholo:

25. ke bohlwa, setjhaba se se nang matla, athe lehlabula se ipokellela dijo;

26. ke dipela, setjhaba se fokolang, athe se ikgethela matlo mafikeng;

27. ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;

28. ke mokgodutswane o itshwarellang ka matsoho, mme o ikenela le matlung a marena.

29. Ntho tse tharo di teng tse bohehang ha di tsamaya; tjhe, di nne tseo metsamao ya tsona e kgahlehang:

30. ke tau, mohale hara dibata tsohle, e sa tshabeng letho le letho;

31. ke pere e lokiseditsweng ntwa, le moribi, leha e le morena ha a tsamaya pela makgotla a hae.

Diproverbia 30