11. O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.
12. Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.
13. E, moloko o teng o mahlo a phahamileng hakalo, o dintshi di leletseng hakalo!
14. Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.
15. Kwidi e na le baradi ba babedi, ba llang kamehla, ba re: Mphe! mphe! Ntho tse tharo di teng tse sa kgoreng, nka re, tse sa reng le ka mohla o le mong: Ho lekane!
16. Ke nqalo ya bafu, le mpa e sa tswaleng, le mobu o sa kgoreng metsi, le mollo o sa reng: Ho lekane!
17. Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
18. Ntho tse tharo di teng tse ntlhollang, nka re, di nne tseo ke sa di tsebeng:
19. ke mohlala wa ntsu sebakeng sa lehodimo, le mohlala wa noha lefikeng, le mohlala wa sekepe mahareng a lewatle, le mohlala wa monna mosading.
20. Mokgwa wa mosadi wa sehlola o jwalo le wona; o a ja, o itlhakola molomo, mme o re: Ha ke a ka ka etsa bokgopo!
21. Lefatshe le thothometswa ke dintho tse tharo, nka re, tse nne di teng tseo le ke keng la di jara:
22. ke mofo ya fetohileng morena, le lehlanya le kgorang bohobe,
23. le mosadi ya lonya, mohla a nyalwang, le lekgabunyane la mosadi le jang lefa la mofumahadi wa lona.
24. Dintho tse nne di teng lefatsheng, tse nyenyane, empa di bohlale bo boholo: