Diproverbia 30:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Dipolelo tsa Agure, mora Jake; tshenolo eo monna eo a e boleletseng Ithiele le Ukale.

2. Ruri, ke thotofetse ho fetisa bohle; ha ke na kutlwisiso ya motho;

3. hobane ha ke a ka ka ithuta bohlale, mme ha ke na tsebo ya bahalaledi.

4. Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?

5. Mantswe wohle a Modimo a hlwekile; ke thebe ho ba o tshepang.

6. O se ke wa eketsa tseo o di buileng, esere mohlomong wa o kgalemela, mme wa fumanwa o le leshano.

7. Di pedi tseo ke di kopileng ho wena, Modimo; o se ke wa nkganela ka tsona, ke eso ho shwe.

8. Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;

Diproverbia 30