1. Dipolelo tsa Agure, mora Jake; tshenolo eo monna eo a e boleletseng Ithiele le Ukale.
2. Ruri, ke thotofetse ho fetisa bohle; ha ke na kutlwisiso ya motho;
3. hobane ha ke a ka ka ithuta bohlale, mme ha ke na tsebo ya bahalaledi.
4. Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?
5. Mantswe wohle a Modimo a hlwekile; ke thebe ho ba o tshepang.
6. O se ke wa eketsa tseo o di buileng, esere mohlomong wa o kgalemela, mme wa fumanwa o le leshano.
7. Di pedi tseo ke di kopileng ho wena, Modimo; o se ke wa nkganela ka tsona, ke eso ho shwe.
8. Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
9. esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.
10. O se ke wa etselletsa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, mme wa fumanwa o le molato.
11. O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.
12. Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.
13. E, moloko o teng o mahlo a phahamileng hakalo, o dintshi di leletseng hakalo!
14. Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.
15. Kwidi e na le baradi ba babedi, ba llang kamehla, ba re: Mphe! mphe! Ntho tse tharo di teng tse sa kgoreng, nka re, tse sa reng le ka mohla o le mong: Ho lekane!
16. Ke nqalo ya bafu, le mpa e sa tswaleng, le mobu o sa kgoreng metsi, le mollo o sa reng: Ho lekane!