Diproverbia 3:9-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.

10. Mme mediko ya hao e tla tlala, e phanyaphanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.

11. Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Jehova, o se ke wa fellwa ke pelo ha o otlwa ke yena.

12. Hobane Jehova o kgalemela eo a mo ratang, jwaloka ntata motho a yeng a kgalemele mora wa hae ya ratwang.

13. Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;

14. hobane kgwebo ya jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha kgauta.

15. Bo fetisa diperela ka bohlokwa, tsohle tse lakatsehang ha di lekane le bona.

16. Bo kakatletse bolelele ba ditshiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letshehadi.

17. Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.

18. Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.

19. Jehova o theile lefatshe ka bohlale, o adile mahodimo ka kelello.

20. Ka ho tseba ha hae metsi a tebileng a biloha, mme maru a rothisa phoka.

21. Mora ka, tseo di se ke tsa ba tsa tloha pela hao, boloka bohlale le kutlwisiso;

22. mme e tla ba bophelo moyeng wa hao, le kgabiso molaleng wa hao.

Diproverbia 3