Diproverbia 3:22-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. mme e tla ba bophelo moyeng wa hao, le kgabiso molaleng wa hao.

23. Ke moo o tla tsamaya o ntse o tiile tseleng ya hao; leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.

24. Leha o ya robala, o ke ke wa tshoha; ha o se o kgalehile, boroko ba hao bo tla ba monate.

25. U ke ke wa tshaba letsoso le sehloho, leha e le sefefo se tlang ho timetsa ba babe.

26. Hobane Jehova e tla ba tshepo ya hao, a phemise leoto la hao sefi.

27. Ya nang le tokelo, o se ke wa lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.

28. O se ke wa re ho wa heno: Tsamaya, o tle o boye hosasane, ke tla o nea; athe seo a se hlokang se teng ho wena.

29. O se ke wa rera wa heno ka bobe, ha a ntse a ahisane le wena ka kgotso.

30. O se ke wa tsekisana le motho feela, ha a se na molato le wena.

31. O se ke wa kgahlwa ke ho itshwantsha le motshwenyi, mekgweng ya hae o se ke wa inkela leha o le mong.

32. Ho Jehova motho ya kgopo ke manyala, empa ya lokileng o na le lekunutu la hae.

33. Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.

34. Basomi o ba soma ruri, empa o hauhela ba ikokobetsang.

35. Ba bohlale ba tla ja lefa la hlompho; haele dithoto, botumo ba tsona ke dihlong.

Diproverbia 3