1. Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto tsa ka, pelo ya hao e ke e boloke dikeletso tsa me;
2. mme o tla ekelletswa ke tsona ditshiu, le dilemo, le ho phela, le kgotso.
3. Molemo le nnete di se ke tsa kgaohana le wena, o ithwalle tsona molaleng wa hao, o di ngole letlapeng la pelo ya hao;
4. mme o tla fumana mohau le hlompheho pela Modimo le batho.
5. O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.
6. O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.
7. O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.
8. E tla ba sehlare mesifeng ya hao, le moko masapong a hao.
9. Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.
10. Mme mediko ya hao e tla tlala, e phanyaphanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.
11. Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Jehova, o se ke wa fellwa ke pelo ha o otlwa ke yena.
12. Hobane Jehova o kgalemela eo a mo ratang, jwaloka ntata motho a yeng a kgalemele mora wa hae ya ratwang.
13. Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;
14. hobane kgwebo ya jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha kgauta.
15. Bo fetisa diperela ka bohlokwa, tsohle tse lakatsehang ha di lekane le bona.
16. Bo kakatletse bolelele ba ditshiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letshehadi.
17. Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.
18. Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.