Diproverbia 27:8-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Motho ya furaletseng hae ha hae, o jwaloka nonyana e lelerang hole le ntlo ya yona.

9. Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.

10. O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.

11. Mora wa ka, hlalefa, o nthabise pelo, mme ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.

12. Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; mawatla a feta feela, mme a hlahelwa ke tsietsi.

13. Mo amohe kobo, hobane o itlamile ka molato wa e mong; mo ntshise tebeletso ya melato ya basele.

14. Ya rorisang motswalle wa hae e sa le kameso ka lentswe le phahameng, ba ya re, o a mo hlapaola.

15. Metsi a rothang dintshing tsa marulelo a ntlo, a sa kgaotse mohla sekgohola, le mosadi ya dikomang, ke ntho e le nngwe.

16. Ya ka lekang ho mo phoka, a ka kgutsisa moya; letsoho la hae le letona le ka tshwara ole.

17. Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.

18. Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa.

19. Jwalokaha sefahleho se iponang metsing se tshwana le sefahleho, pelo ya motho e tshwana jwalo le pelo ya motho e mong.

20. Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.

21. Pitsa ya lesehla e qhibidisa silefera, sebopi se bedisa kgauta; motho a leke jwalo molomo o mo rorisang.

22. Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela.

23. O lekole dinku tsa hao hantle, mme o hlahlobe mohlape wa hao hantle.

Diproverbia 27