Diproverbia 27:22-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela.

23. O lekole dinku tsa hao hantle, mme o hlahlobe mohlape wa hao hantle.

24. Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla.

25. Jwang bo a bokellwa, botala bo a hlaha, mme ho latwa jwang dithabeng;

26. dikonyana di tla o apesa, diphooko di o rekele tshimo,

27. mme lebese la dipodi e tla ba dijo tsa hao, le tsa ntlo ya hao, le tsa makgabunyane a hao.

Diproverbia 27