Diproverbia 27:2-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.

3. Lejwe le boima, le lona lehlabathe, empa hlonamo ya lehlanya e di feta tse pedi.

4. Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?

5. Kgalemelo ya pepeneneng e ntle ho feta lerato le patwang.

6. Maoma a etswang ke motswalle a tshepeha, empa dikako tsa ba o hloileng di a tshabeha.

7. Motho ya kgotsheng o hatakela dinotshi ka maoto; empa ya lapileng, se babang se monate ho yena.

8. Motho ya furaletseng hae ha hae, o jwaloka nonyana e lelerang hole le ntlo ya yona.

9. Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.

10. O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.

11. Mora wa ka, hlalefa, o nthabise pelo, mme ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.

12. Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; mawatla a feta feela, mme a hlahelwa ke tsietsi.

13. Mo amohe kobo, hobane o itlamile ka molato wa e mong; mo ntshise tebeletso ya melato ya basele.

14. Ya rorisang motswalle wa hae e sa le kameso ka lentswe le phahameng, ba ya re, o a mo hlapaola.

15. Metsi a rothang dintshing tsa marulelo a ntlo, a sa kgaotse mohla sekgohola, le mosadi ya dikomang, ke ntho e le nngwe.

16. Ya ka lekang ho mo phoka, a ka kgutsisa moya; letsoho la hae le letona le ka tshwara ole.

Diproverbia 27