4. O se ke wa fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, esere mohlomong le wena wa tshwana le lona.
5. O fetole lehlanya ka tsa bohlanya ba lona, esere mohlomong la ipona bohlale mahlong a lona.
6. Ya romelang ditaba ka lehlanya o ikgaola maoto, o inwella tshenyo.
7. Jwalokaha maoto a sehole a leketla feela, polelo ya bohlale e jwalo melomong ya mahlanya.
8. Ho rorisa lehlanya ke ho tlamella lejwana ka letjeketjaneng.
9. Polelo ya bohlale molomong wa lehlanya e jwaloka meutlwa letsohong la letahwa.
10. Motho ya tholang lehlanya le basebi, o jwaloka mohlabani ya hlabang bohle.
11. Jwaloka ha ntja e boela mahlatseng a yona, lewatla le boela jwalo bowatleng ba lona.
12. Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.
13. Sekgoba se re: Tau e rorang e teng tseleng, tau e bohale e mabaleng.
14. Lemati la monyako le iphetola mahokelong a lona, le motswafi diphateng tsa hae.
15. Sekgoba se isa letsoho ho ngwatha lefisong; empa se tswafa ho le busetsa molomong.
16. Sekgoba se ipona bohlale ho fetisa ba supileng ba arabang ka masene.