Diproverbia 26:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Pere e lokelwa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo wa lehlanya le wona o lokelwa ke thupa.

4. O se ke wa fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, esere mohlomong le wena wa tshwana le lona.

5. O fetole lehlanya ka tsa bohlanya ba lona, esere mohlomong la ipona bohlale mahlong a lona.

6. Ya romelang ditaba ka lehlanya o ikgaola maoto, o inwella tshenyo.

7. Jwalokaha maoto a sehole a leketla feela, polelo ya bohlale e jwalo melomong ya mahlanya.

8. Ho rorisa lehlanya ke ho tlamella lejwana ka letjeketjaneng.

9. Polelo ya bohlale molomong wa lehlanya e jwaloka meutlwa letsohong la letahwa.

10. Motho ya tholang lehlanya le basebi, o jwaloka mohlabani ya hlabang bohle.

11. Jwaloka ha ntja e boela mahlatseng a yona, lewatla le boela jwalo bowatleng ba lona.

Diproverbia 26