Diproverbia 26:20-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho jwalo dikomang, di fela ha mosebi a le siyo.

21. Mashala a matsho a etsa mashala a hlenneng, patsi e hotetsa mollo; ho jwalo motho ya dikomang, o tukisa dikgang.

22. Dipolelo tsa mosebi di ka dijo tse hlabosang, di kena di tebela hare ka maleng.

23. Melomo e tukang le pelo e mpe, di jwaloka lelwapi la silefera le manehilweng hodima pitsa ya letsopa.

24. Ya hloyang o ikgakanya ka melomo ya hae, mme ka pelong o rera thetso;

25. leha a bua ka mosa, o se ke wa kgolwa ke yena, hobane manyala a supileng a ka pelong ho yena.

26. Hloyo e ipata ho ikgakanyeng, empa bolotsana ba yona bo tla senolwa pitsong.

27. Ya tjhekang lemena o tla wela teng, mme lejwe le tla boela hodima ya le thetang.

28. Leleme le leshano le hloile ba hlabilweng ke lona, mme molomo o qekisang o hlahisa tshenyeho.

Diproverbia 26