Diproverbia 26:2-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.

3. Pere e lokelwa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo wa lehlanya le wona o lokelwa ke thupa.

4. O se ke wa fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, esere mohlomong le wena wa tshwana le lona.

5. O fetole lehlanya ka tsa bohlanya ba lona, esere mohlomong la ipona bohlale mahlong a lona.

Diproverbia 26