8. Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.
9. Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.
10. Ha o tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.
11. Lopolla ba iswang lefung, o se ke wa lesa ho pholosa ba bolawang.
12. Ha o re: Bonang, ha re ba tsebe, na ya lekanyang dipelo a ke ke a hlokomela na? Ya lebelang moya wa hao a ke ke a tseba na? Na a ke ke a putsa motho ka mong ka ho lekanang mosebetsi wa hae na?
13. Ngwana ka, ja dinotshi, hoba di monate, le makgeha a dinotshi, hoba a monate lehanong la hao.
14. Tsebo ya bohlale e tla ba jwalo ho moya wa hao. Ekare ha o bo fumana, moputso o tla ba teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya timela.
15. Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.
16. Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.
17. O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao; ha se kgoptjwa, pelo ya hao e se ke ya hlasimoloha,
18. esere mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, mme a kgaotsa bohale ho yena.
19. O se ke wa belaela ka baka la ba bolotsana, o se ke wa honohela baetsadibe;
20. hobane ha ho moputso o boloketsweng batho ba sa lokang, mme lebone la ba babe le tla tima.
21. Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;
22. hobane tlokotsi ya bona e tla tshoha e hlaha hanghang, mme ke mang ya ka tsebang tshenyeho ya e mong le e mong ho bona?
23. Tsena e sa ntsane e le dipolelo tsa ba bohlale:
24. Ho tadima batho tshobotsi kahlolong, ha ho hotle. Ya reng ho moetsadibe: O lokile, batho ba tla mo rohaka, ditjhaba di mo hloye;
25. empa ba mo kgalemelang ba tla ratwa, ba hlahelwe ke lehlohonolo le molemo.
26. Ya arabang ka mantswe a kgabane o aka motho molomong.
27. Hleka mosebetsi wa hao kantle, o lokise le tshimo ya hao; hamorao o tla tseba ho haha ntlo ya hao.
28. O se ke wa ba paki feela ho lwantsha wa heno; o ka thetsa jwang ka melomo ya hao?