Diproverbia 24:25-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. empa ba mo kgalemelang ba tla ratwa, ba hlahelwe ke lehlohonolo le molemo.

26. Ya arabang ka mantswe a kgabane o aka motho molomong.

27. Hleka mosebetsi wa hao kantle, o lokise le tshimo ya hao; hamorao o tla tseba ho haha ntlo ya hao.

28. O se ke wa ba paki feela ho lwantsha wa heno; o ka thetsa jwang ka melomo ya hao?

29. O se ke wa re: Jwalokaha a nkentse, le nna ke tla mo etsa jwalo; ke tla busetsa ho e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.

30. Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;

31. mme bonang, ho bo ho medile bobatsi feela, dibajwa di kwahetse hohle; lerako la majwe le ne le helehile.

32. Haele nna, ka tadima, ka elellwa; la lemoha, ka inkela thuto teng:

33. Borokonyana hape, le ho otsela ho honyenyane, le ho iphutha matsoho ho phomola,

34. mme bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.

Diproverbia 24