Diproverbia 24:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. hobane pelo tsa bona di rera tshenyeho, melomo ya bona e bolela bobe.

3. Ntlo e hahuwa ka bohlale, e tiiswa ka masene,

4. mme ke ka tsebo dikamore tsa yona di tlalang menono ya bohlokwa, e kgahlehang.

5. Ya bohlale o na le matla, ya rutehileng o na le matla a maholo;

6. ke ka masene motho a futuhang, moo baeletsi ba leng bangata a ke ke a lesa ho hlola.

7. Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.

8. Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.

9. Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.

10. Ha o tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.

11. Lopolla ba iswang lefung, o se ke wa lesa ho pholosa ba bolawang.

Diproverbia 24