21. Ya phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le kganya.
22. Ya bohlale o tlola motse wa dinatla, o diha qhobosheane eo ba neng ba e tshepa.
23. Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.
24. Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.
25. Takatso tsa sekgoba di a se bolaya, hobane matsoho a sona a hana ho sebetsa.
26. Taba ya e mobe ke ho lakatsa feela tsatsi lohle, empa ya lokileng o a fana, a sa kganane.
27. Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!
28. Paki ya leshano e tla timela; empa motho ya mamelang o tla bua, a be a hlole.
29. Motho ya bolotsana o ithatafatsa sefahleho, empa ya lokileng o sasamatsa tsela ya hae.
30. Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.