Diproverbia 21:2-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.

3. Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.

4. Mahlo a phahameng le pelo e hohomohileng, eo e leng ho kganya ha ba babe, ke sebe.

5. Merero ya motho ya mahlahahlaha e isa kgoreng; empa ya potlakang o tla wela bofumeng.

6. Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosawana le maraba a lefu.

7. Ho senya ha baetsadibe ho tla ba kuka, hobane ba hana ho etsa ho lokileng.

8. Motho eo tsela ya hae e leng kgopokgopo, o furallane le botle; empa diketso tsa motho ya kgabane di lokile.

9. Ho ikahela ntlheng ya marulelo ho molemo ho ena le ho dula tlung e kgolo hammoho le mosadi wa dikomang.

10. Moya wa ya lonya o eletsa bobe, esita le wa habo ha a fumane mohau mahlong a hae.

11. Ha ho lefiswa mosomi, sethoto se a hlalefa; ha ho rutwa motho ya kelello, yena o amohela tsebo.

12. Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.

13. Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.

14. Mpho ya sephiring e kokobetsa bohale; neo e sunngwang sefubeng e fedisa hlonamo.

15. Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.

16. Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.

17. Ya hlanyetsang menyaka e tla ba mohloki; ya ineelang veine le mafura a ke ke a rua.

18. Molotsana o etswa topollo ya ya lokileng, ya kgopo o bolawa bakeng sa ya kgabane.

Diproverbia 21