Diproverbia 21:15-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.

16. Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.

17. Ya hlanyetsang menyaka e tla ba mohloki; ya ineelang veine le mafura a ke ke a rua.

18. Molotsana o etswa topollo ya ya lokileng, ya kgopo o bolawa bakeng sa ya kgabane.

19. Ho ikahela feelleng ho molemo ho ena le ho dula le mosadi wa dikomang, ya bohale.

Diproverbia 21