1. Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.
2. Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.
3. Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.
4. Mahlo a phahameng le pelo e hohomohileng, eo e leng ho kganya ha ba babe, ke sebe.
5. Merero ya motho ya mahlahahlaha e isa kgoreng; empa ya potlakang o tla wela bofumeng.
6. Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosawana le maraba a lefu.
7. Ho senya ha baetsadibe ho tla ba kuka, hobane ba hana ho etsa ho lokileng.
8. Motho eo tsela ya hae e leng kgopokgopo, o furallane le botle; empa diketso tsa motho ya kgabane di lokile.
9. Ho ikahela ntlheng ya marulelo ho molemo ho ena le ho dula tlung e kgolo hammoho le mosadi wa dikomang.
10. Moya wa ya lonya o eletsa bobe, esita le wa habo ha a fumane mohau mahlong a hae.
11. Ha ho lefiswa mosomi, sethoto se a hlalefa; ha ho rutwa motho ya kelello, yena o amohela tsebo.
12. Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.
13. Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.
14. Mpho ya sephiring e kokobetsa bohale; neo e sunngwang sefubeng e fedisa hlonamo.