Diproverbia 20:7-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!

8. Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.

9. Ke mang ya ka reng: Ke itlhwekisitse pelo, ke hlatswehile bobe ba ka?

10. Diponto tse pedi tsa ho lekanya tse fapaneng, le diefa tse pedi tse fapaneng, ke manyala ho Jehova.

11. Esita le moshanyana o itsebahatsa ka diketso tsa hae, ha metsamao ya hae e tla ba metle, e loke.

12. Tsebe e utlwang le leihlo le bonang, Jehova o di entse tse pedi.

13. Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.

14. E mpe! e mpe! ho bolela moreki; ebe o a ikela, a ntse a ithorisa.

15. Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.

16. Mo amoheng kobo, etswe a itlamile ho lefela e mong; o mo tlame bakeng sa osele.

17. Bohobe ba thetso bo ye bo hlabosehe ho motho, empa hamorao molomo wa hae o ye o tlale lehlohlojane.

18. Merero e tiiswa ke keletsano; ka baka leo, o rere ntwa ka ho nahanisisa.

19. Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.

20. Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.

21. Lefa ha le le manyala ho qaleng, le ke ke la hlohonolofatswa qetellong.

22. Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tshepa Jehova, ke yena ya tla o boloka.

23. Ponto tsa ho lekanya tse pedi tse fapaneng ke manyala ho Jehova, le sekala sa thetso ha se setle.

Diproverbia 20