Diproverbia 20:27-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Moya wa motho ke lebone la Jehova, o batlisisa tse tebileng ka ho yena.

28. Mohau le nnete di tiisa morena, ka mohau wa hae o tiisa terone ya hae.

29. Kganya ya ba batjha ke matla a bona, mokgabo wa maqheku ke moriri o moputswa.

30. Maqeba a phekola moetsadibe, le tsona dikotlo tse mo kenang le maleng hare.

Diproverbia 20