1. Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.
2. Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.
3. Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.
4. Sekgoba ha se leme, hoba se hatsetse; mohla ho kotulwang, se a kopa, empa ha ho letho.
5. Morero pelong ya motho e ka koetsa, ya nang le kelello o ya kga teng.
6. Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?
7. Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!
8. Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.
9. Ke mang ya ka reng: Ke itlhwekisitse pelo, ke hlatswehile bobe ba ka?
10. Diponto tse pedi tsa ho lekanya tse fapaneng, le diefa tse pedi tse fapaneng, ke manyala ho Jehova.
11. Esita le moshanyana o itsebahatsa ka diketso tsa hae, ha metsamao ya hae e tla ba metle, e loke.