6. hobane Jehova ke yena ya fanang ka bohlale; tsebo le kutlwisiso di tswa molomong wa hae.
7. O bolokela ba lokileng poloko, ke thebe ho ba tsamayang ka ho loka.
8. O lebela mmila wa ho loka, o disa tsela ya bakgehtwa ba hae.
9. Jwale, o tla tseba ho loka le tshwanelo le bokgabane le mekgwa yohle e molemo.
10. Hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e kgahlise moya wa hao;
11. masene a o lebele, kutlwisiso e o boloke;
12. ho o phemisa tsela ya bobe, ho o kelosa ho bao ba buang tse kgopo,
13. ba furaletseng tsela ya ho loka, ba tsamayang ka tsela ya lefifi,
14. ba thabelang bolotsana, ba iketekang ka diketso tse mpe;
15. bao ditsela tsa bona di kgelohileng, le metsamao ya bona e kgopameng;
16. o tle o namolelwe mosading wa letekatsi, mosading wa letekatsi, mosading wa seotswa ya qekisang ka dipolelo tsa hae,
17. ya furaletseng motswalle wa botjha ba hae, mme a lebetse selekane sa Modimo wa hae.
18. Ruri, ntlo ya hae e sekametse lefung, tsela tsa hae di isa bafung.
19. Ho ba yang ho yena, ha a yo ya kgutlang le ho boela a nka tsela ya bophelo.
20. Ka baka leo, tsamaya ka mehlala ya batho ba molemo, u tiisetse tseleng ya ba lokileng;